Dipolelo 12:8-14 BIBELE (SSO89SO)

8. “Le se ke la etsa jwalokaha le etsa kajeno: monna ka mong o iketsetsa borata,

9. hobane ha le eso ka le kena phomolong, le amohela lefa leo Morena, Modimo wa lona, a le neang lona.

10. Empa etlare ha le se le tshetse Jorodane, le se le ahile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le ya lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, le tla dula le sireletsehile.

11. Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.

12. Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.

13. “Itlhokomeleng le se ke la nyehela ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso sebakeng sefe kapa sefe seo le se bonang.

14. Empa le ye sebakeng seo Morena a tla se kgetha, se naheng ya morabe o mong wa merabe ya lona; ke moo le tla nyehela ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso teng, le moo le tla etsetsa tsohle tseo ke le laelang tsona teng.

Dipolelo 12