12. Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.
13. “Itlhokomeleng le se ke la nyehela ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso sebakeng sefe kapa sefe seo le se bonang.
14. Empa le ye sebakeng seo Morena a tla se kgetha, se naheng ya morabe o mong wa merabe ya lona; ke moo le tla nyehela ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso teng, le moo le tla etsetsa tsohle tseo ke le laelang tsona teng.
15. “Leha ho le jwalo, le ka hlabela diphoofolo tsa lona moo le ratang teng. Le jelle nama ya tsona kahara metse ya lona, ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng. Ba sesila, le ba hlwekileng ba ka di ja, jwalokaha le eja nama ya tshephe, le nama ya kgama.
16. Ke bobete feela boo le sa tlong ho bo ja; bona le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi.
17. Kahara metse ya lona le se ke la ja tse latelang: karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, tsa koro ya lona, kapa tsa veine ya lona e ntjha, kapa tsa ole ya lona, kapa tsa matsibolo a mehlape ya dikgomo tsa lona; kapa efe kapa efe ya dikano tseo le ikanneng ka tsona, kapa dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, kapa dinyehelo tsa lona tse akgotswang.
18. Empa tsena tsohle le tla di jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona. Kapele ho Morena Modimo wa lona, le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang.
19. Itlhokomeleng, le se ke la furalla Molevi ha feela le ntse le phela naheng ya lona.
20. “Ha Morena Modimo wa lona, a atolosa meedi ya lona, jwalokaha a le tshepisitse, mme le re: <Ke tla ja nama, hobane ke lakatsa ho ja nama,> le ka ja nama ho latela ditakatso tsa lona.
21. Haeba sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona se le hole haholo ho tloha ho lona, le ka hlaba kgomo kapa nku mehlapeng ya lona, eo Morena a le neileng yona, jwalokaha ke le laetse, mme le ka e jella kahara metse ya lona, kamoo le lakatsang kateng.
22. Le ka e ja jwalokaha le ye le je nama ya tshephe le ya kgama. Batho ba sesila le ba hlwekileng le bona ba ka e ja.
23. Hlokomelang, le se ke la ja bobete, hobane madi ke bophelo, mme ha le a tshwanela ho ja nama le bophelo.
24. Le se ke la bo ja, le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi.
25. Le se ke la bo ja, e le hore le tle le atlehe mmoho le ditloholo tsa lona, ha le etsa se lokileng mahlong a Morena.
26. “Ke feela dintho tse halalelang tsa lona, le dikano tsa lona, tseo le ka di isang sebakeng seo Morena a tla se kgetha.
27. Le nyehele ka nyehelo ya lona ya setjheso, le ka nama, le ka madi, hodima aletare ya Morena Modimo wa lona. Madi a tse hlabilweng tsa lona le a qhalle kahodima aletare ya Morena Modimo wa lona, empa nama yona le e je.
28. Hlokomelang, le utlwe mantswe ana wohle ao ke le laelang wona, e le hore lona le ditloholo tsa lona le tle le atlehe kamehla, ha le etsa se setle le se lokileng mahlong a Morena.
29. “Ha Morena Modimo wa lona, a se a fietse kapele ho lona ditjhaba tseo le yang ho ya di hapa, le se le di lelekile, le tla aha naheng ya tsona.