Dipesalema 97:8-12 BIBELE (SSO89SO)

8. Sione e utlwile, mme e a thaba,metse ya Juda e a nyakalla,ka baka la dikahlolo tsa hao,wena Morena.

9. Wena Morena ya hodimodimo,ya phahametseng lefatshe lohle,o feta medimo yohle hole.

10. Lona ba ratang Morena,hloyang bokgopo,o baballa bopheloba batshepuwa ba hae,o ba namolelamatsohong a ba kgopo.

11. Lesedi le tjhabela ya lokileng,thabo ke ya ba pelo di ntle.

12. Lona ba lokileng thabelang Morena,le boke lebitso la hae le halalelang.

Dipesalema 97