Dipesalema 94:2-10 BIBELE (SSO89SO)

2. Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe,o nee baikgohomosimoputso wa bona.

3. Ba kgopo ba tla thabaho fihlela neng?E tla ba ho fihlela neng, Morena?

4. Ba a hehla, ba bua ka boikakaso,bohle ba kgopo ba a ithorisa.

5. Morena, ba hatakela setjhaba sa hao,ba hatella bao e leng lefa la hao.

6. Ba fenetha mohlolohadi le mojaki,ba bolaya le dikgutsana.

7. Ba re: “Morena ha a bone,Modimo wa Jakobo ha a lemohe.”

8. Utlwisisang,lona setjhaba sa mawatla;dithoto ting! le tla hlalefa neng?

9. Na ya entseng tsebea ke ke a utlwa?Ya bopileng leihlona a ke ke a bona?

10. Na yena ya kgalemelang ditjhabaa ke ke a di otla,yena ya rutang batho bohlale?

Dipesalema 94