Dipesalema 89:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Morena, Modimo wa mabotho,ke mang ya kang wena?Morena, wena ya matla,botshepehi ba hao ke kobo ya hao.

10. Ke wenaya busang lewatle le befileng,ke wenaya kgutsisang maqhubu a bilohang.

11. Ke wenaya qhemeditseng Rahaba,wa moqhemetsa jwaloka setopo,ka tsoho la hao le matlao qhalakantse dira tsa hao.

12. Mahodimo ke a hao,le lefatshe ke la hao;lefatshe le tsohle tse ho lonake wena ya di theileng.

13. Leboya le borwake wena ya di hlodileng,Tabore le Heremonedi etsetsa lebitso la hao ditlatse.

14. O sefea, letsoho la hao le matla;letsoho la hao le letona le phahame.

Dipesalema 89