Dipesalema 89:22-28 BIBELE (SSO89SO)

22. Seatla sa ka se tla mo tshehetsa,letsoho la ka le mo matlafatse.

23. Ha ho sera se tla mo tsometsa,le ya kgopo a ke ke a mo hlola.

24. Ba mo lwantshangke tla ba ripitla mahlong a hae,ke fenye ba mo hloileng.

25. Botshepehi ba ka le mohau wa kadi tla ba le yena,ka lebitso la ka o tla tsoha molota.

26. Ke tla namisa mmuso wa haeho ya fihla Lewatleng,le puso ya hae ho ya fihla dinokeng.

27. O tla re ho nna: <O ntate,wena Modimo wa ka,lefika le mpholosang.>

28. Nna ke tla mo etsa letsibolo,a phahamele dikgosi tsohle,kgosi tsa lefatshe.

Dipesalema 89