Dipesalema 89:18-25 BIBELE (SSO89SO)

18. Ke wena matlaao se ithorisang ka wona,o re tsosa molotaka ho rata ha hao.

19. Thebe ya rona ke ya Morena,kgosi ya ronake ya Ya Halalelang wa Iseraele.

20. Wa na wa bua le batshepuwa ba hao,wa bua le bona ka pono, wa re:“Ke thusitse mohale,ka phahamisa ya kgethilweng,ya kgethilweng hara setjhaba.

21. Ke fumane Davida,mohlanka wa ka,ka mo tlotsaka ole ya ka e halalelang.

22. Seatla sa ka se tla mo tshehetsa,letsoho la ka le mo matlafatse.

23. Ha ho sera se tla mo tsometsa,le ya kgopo a ke ke a mo hlola.

24. Ba mo lwantshangke tla ba ripitla mahlong a hae,ke fenye ba mo hloileng.

25. Botshepehi ba ka le mohau wa kadi tla ba le yena,ka lebitso la ka o tla tsoha molota.

Dipesalema 89