Dipesalema 78:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto.Lona tjhaba sa ka,mamelang thuto ya ka,sekehelang dipolelo tsa ka tsebe.

2. Molomong wa ka ho tla tswa maele,ke bolele dilotho tsa boholoholo.

3. Tseo re di utlwileng, ra di tseba,e leng tseo re di phetetsweng,ra di phetelwa ke bo-ntata rona.

4. Ha re na ho di patela bana ba bona,empa re tla phetela moloko o tlangdithoko tsa Morena, le matla a hae,le dimakatso tseo a di entseng.

Dipesalema 78