Dipesalema 59:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. Wena Morena,Modimo wa mabotho,Modimo wa Iseraele,tsoha, o otle baditjhaba bohle,o se ke wa hauhela le ya mong,le ya mong wa mahlabaphiyo ao.

7. Kamehla ba kgutla ka phirimana,ba rore sa dintja,ba solle hara motse.

8. Ke bao ba bebera haholo,ka melomong ya bonaho tswa disabole,mme ba re:“Ke mang ya re utlwang?”

9. Empa wena Morena, o a ba tsheha,o soma baditjhaba bohle.

10. Wena o leng matla a ka,ke shebile wena,hobane Modimoke qhobosheane ya ka.

11. Modimo ya nkgauhelango tla nthusetsa,Modimo o tla etsa horeke telle ba ntaletseng.

12. O se ke wa ba bolaya,esere tjhaba sa heso sa lebala;o ba qhale ka matla a hao,o ba dihe,wena Morena, thebe ya rona.

13. Sebe sa bona ke mantswe a bona,mantswe a tswangmelomong ya bona;ba tshwasweke boikgohomoso ba bona,ka baka la dithohakole wona mashano ao ba a buang.

Dipesalema 59