Dipesalema 44:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. O re tloheletseho ba dinku tse hlajwang,wa re qhalanya hara ditjhaba.

13. O rekisitse setjhaba sa haoo sa fumane letho,ha o a rua letho ka theko ya sona.

14. O re fetotse sekgoboho baahisane ba rona;sesomo le setshehoho ba re potapotileng.

15. O re entse pale hara ditjhaba,merabe e re sisinyetsa dihlooho.

16. Ke hopolaho tlontloloha ha ka kamehla,sefahleho sa kase aparetswe ke dihlong,

17. ka baka la mantswe a ya hlapaolang,mantswe a ya nyefolang,ka baka la sera le moiphetetsi.

18. Tsena tsohle di re wetse hodimotsa re wela re sa ka ra o lebala,re sa ka ra roba selekane sa hao.

19. Pelong tsa rona ha re a o kwenehela,maoto a ronaha a a fapoha tsela ya hao;

20. empa wena o re robokeletse,wa re robokellamoo ho phelang diphokojwe,wa re kwahela ka lefifi,fifi le letsholetsho.

21. Hoja re ne re lebetse lebitso,lebitso la Modimo wa rona,re phahamisitse matsoho a rona,re a phahamiseditse modimo osele,

22. na Modimo a ka be a sa sibolla hoo,yena ya tsebang diphiritse ka dipelong?

Dipesalema 44