Dipesalema 39:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. “Morena, ako ntsebisepheletso ya ka,le bolelele ba matsatsi a ka;a nke ke tsebehore na bophelo ba kabo feta kapele hakaakang!

6. Bona, matsatsi a ka o a lekantse,o a lekantse ka bophara ba seatla,bolelele ba bophelo ba kahase letho mahlong a hao.Ruri motho ya phelang ke lefeela.

7. “Motho ya tsamayango ka seriti feela,maruo ao a ipokellelang wonake lefeela;ha a tsebehore na a tla sebediswa ke mang.”

8. Jwale, Morena,ekaba ke sa lebeletseng?Tshepo ya ka e ho wena.

9. Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle,se nketse sesomo ho dithoto.

10. Ke jwaloka semumu, ha ke na puo,hobane ke wena ya sebetsang.

11. Mphemise dikotlo tsa hao,letsoho la hao le nqetile.

Dipesalema 39