Dipesalema 39:4-10 BIBELE (SSO89SO)

4. pelo ya ka ya tlallana,ha ke ntse ke fehelwaka tuka malakabe,ka ba ka bua, ka re:

5. “Morena, ako ntsebisepheletso ya ka,le bolelele ba matsatsi a ka;a nke ke tsebehore na bophelo ba kabo feta kapele hakaakang!

6. Bona, matsatsi a ka o a lekantse,o a lekantse ka bophara ba seatla,bolelele ba bophelo ba kahase letho mahlong a hao.Ruri motho ya phelang ke lefeela.

7. “Motho ya tsamayango ka seriti feela,maruo ao a ipokellelang wonake lefeela;ha a tsebehore na a tla sebediswa ke mang.”

8. Jwale, Morena,ekaba ke sa lebeletseng?Tshepo ya ka e ho wena.

9. Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle,se nketse sesomo ho dithoto.

10. Ke jwaloka semumu, ha ke na puo,hobane ke wena ya sebetsang.

Dipesalema 39