Dipesalema 37:32-36 BIBELE (SSO89SO)

32. Ya kgopo o laletse ya lokileng,o batla ho mmolaya.

33. Morena a ke kea mo tlohella matsohong a eo,Morena a ke kea dumela hore a ahlolwe,a fumanwe a le molato,ha a qoswa.

34. Tshepa Morena,o tiye tseleng ya hae;o tla o phahamisa,lefatshe e tle e be lefa la hao,mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.

35. Ke bone motho ya kgopo,motho wa mohatelli,a atleha sa fate sa leholela;

36. ka boela ka feta,ka bona a se a le siyo;ka mmatla,a se ke a hlola a fumanwa.

Dipesalema 37