Dipesalema 33:2-12 BIBELE (SSO89SO)

2. Bokang Morena ka harepa,mo rokeng ka seletsase kgwele di leshome.

3. Mmineleng sefela se setjha,letsang ka bokgabane,le etse mehoo ya thabo.

4. Efela lentswe la Morena le lokile,mesebetsi yohle ya haeke ya nnete.

5. O rata ho loka le toka;lefatshe lohlele tletse mohau wa Morena.

6. Mahodimo a entsweka lentswe la Morena,le mabotho wohle a wonaka polelo ya molomo wa hae.

7. Morena a bokella metsi a lewatlejwalokaha eka o a tshetse lekukeng,a boloka madiba madumeleng a hae.

8. Lefatshe lohlele ke le tshabe Morena,baahi bohle ba lona ba mo hlomphe.

9. O ne a bue, mme tsa eba teng;a laela, mme tsa hlaha.

10. Morena o nyopisa merero ya ditjhaba,o folodisa mehopolo ya merabe.

11. Merero ya Morena e tiile kamehla,mehopolo ya pelo ya haeke ya kamehla.

12. Ho lehlohonolo setjhabaseo Morena e leng Modimo wa sona,morabe oo a ikgethetseng wona,a ikgethela wona ho ba leruo la hae.

Dipesalema 33