Dipesalema 31:9-13 BIBELE (SSO89SO)

9. ha o a ka wa nneella dira tsa ka,empa o ntsamaisa ka bolokolohi.

10. Nkgauhele Morena,hobane ke matshwenyehong;mahlo a ka a motela ke maswabi,esita le moya wa ka, le mmele wa ka.

11. Bophelo ba ka bo fedile,bo fedile ke mahlomola,dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa;matla a ka a fediswa ke ho hlopheha,le masapo a ka a kgathetse.

12. Nna ke sekgoboho dira tsa ka tsohle,haholoholoho bao ke ahisaneng le bona,ke koko ho metswalle ya ka,ba mponang ditseleng ba a mpaleha.

13. Ha ke sa hopolwa;jwalokaha eka ke mofu,ke tshwana le ntho e lahlilweng.

Dipesalema 31