Dipesalema 14:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.Ka pelong sethoto se re:“Ha ho na Modimo.”Diketso tsa batho di bodile,di a nyonyeha,ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.

2. Morena, a le mahodimong,o tadima bana ba batho,ho bona hore na ho tengya utlwisisang,ya batlang Modimo.

3. Bohle ba kgelohile,ba senyehile kaofela;ha ho ya etsang tse ntle,ha ho le ya mong.

Dipesalema 14