Dipesalema 137:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Mabopong a dinoka tsa Babilona,re ne re dutse re lla,ha re hopola Sione.

2. Meduwaneng ya tsonare ne re fanyehile diharepa tsa rona.

3. Ke moo ba neng ba re hapileba ileng ba re kopahore re ba binele;batubi ba ronaba re kopa dipina tsa thabo,ba re:“Re bineleng difela tsa Sione!”

4. Re ka bina sefela sa Morena jwang,lefatsheng la baditjhaba?

5. Haeba nka o lebala,wena Jerusalema,letsoho la ka le letona le ke le shwe.

6. Leleme la kale kgomarele mahalapeng a ka,haeba ke sa o hopole,ke sa thabele Jerusalema,ke sa e thabele ho feta tsohle.

Dipesalema 137