99. Ke hlalefileho feta bohle ba nthutileng,hobane ke nahana ditemoso tsa hao.
100. Ke feta maqheku ka kutlwisiso,hobane ke boloka ditaelo tsa hao.
101. Ke qobisa maoto a kaditsela tsohle tse kgopo,ke tle ke mamelelentswe la hao ka hloko.
102. Ha ke furalle dikahlolo tsa hao,hobane ke wena ya nthutileng tsona.
103. Ditshepiso tsa haodi latsweha hamonate hakaakang!Di feta mahe a dinotshika hanong la ka.
104. Ke na le kutlwisisoka baka la ditaelo tsa hao,ka baka leo,ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.
105. Lentswe la haoke lebone maotong a ka,ke lesedi tseleng ya ka.
106. Ke ikanne, ke eme ke tiile:Ke tla ya ka kahlolo tsa hao,kahlolo tsa hao tse lokileng.
107. Ke kokobeditswe ka ho fetisisa;oho, Morena, ako nnee bopheloho ya ka lentswe la hao.
108. Morena, amohela ditebohotse tswang molomong wa ka,o nthute dikahlolo tsa hao.