Dipesalema 119:20-30 BIBELE (SSO89SO)

20. Moya wa ka o ngongoreheladikahlolo tsa hao ka nako tsohle.

21. O kgalemela baikgohomosi,baikgohomosi ba rohakehileng,ba kgelohang melao ya hao.

22. Ako tlose sekgobo le nyediso ho nna,hobane ke latela ditemoso tsa hao.

23. Leha mahosana a kopane,a kopanetse ho nthera,nna, mohlanka wa hao,ke nahana thato ya hao.

24. E, ditemoso tsa hao di a nthabisa,ke baeletsi ba ka.

25. Ke rapaletse leroleng;ako nnee bopheloho ya ka lentswe la hao.

26. Ke o boleletse metsamao ya ka,wa nkaraba;ako nthute thato ya hao.

27. Nthute, ke utlwisisetsela ya ditaelo tsa hao,ke tle ke nahanedimakatso tsa hao.

28. Moya wa ka o lliswa ke maswabi;ako mmatlafatseho ya ka lentswe la hao.

29. Nqobise tsela ya leshano,o nkgauheleka ho nthuta Molao wa hao.

30. Ke ikgethetse tsela ya nnete,dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.

Dipesalema 119