136. Marameng a kaho keleketla dikeledi,hoba ha ho ya bolokangMolao wa hao.
137. Morena, wena o lokile,le dikahlolo tsa hao di nepahetse.
138. Temoso tseo o faneng ka tsonadi lokile, di tshepahala haholo.
139. Tjheseho ya ka e a nqeta,hobane ba ntlhoilengba lebala mantswe a hao.
140. Tshepiso ya hao ke ya nnetenete,mohlanka wa hao o a e rata.
141. Ke monyenyane, ke a nyediseha,empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale.
142. Ho loka ha haoke ho loka ha kamehla,Molao wa hao ke nnete.
143. Ke fihletswe ke matshwenyeho,ke fihletswe ke matswalo,empa melao ya hao ke thabo ya ka.
144. Ditemoso tsa hao di lokile kamehla;ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele.
145. Morena, ke a ipiletsa,ke ipiletsa ka pelo ya ka yohle,ako nkarabe;ke tle ke phethe thato ya hao.
146. Ke ipiletsa ho wena, ako mpholose;ke tle ke latele ditemoso tsa hao.