134. Ntopolle ho batho ba nkgatellang,ke tle ke boloke ditaelo tsa hao.
135. Ako bontshe mohlanka wa haofahleho se kganyang kgotso,o nthute thato ya hao.
136. Marameng a kaho keleketla dikeledi,hoba ha ho ya bolokangMolao wa hao.
137. Morena, wena o lokile,le dikahlolo tsa hao di nepahetse.
138. Temoso tseo o faneng ka tsonadi lokile, di tshepahala haholo.
139. Tjheseho ya ka e a nqeta,hobane ba ntlhoilengba lebala mantswe a hao.
140. Tshepiso ya hao ke ya nnetenete,mohlanka wa hao o a e rata.
141. Ke monyenyane, ke a nyediseha,empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale.
142. Ho loka ha haoke ho loka ha kamehla,Molao wa hao ke nnete.