Dipesalema 107:23-33 BIBELE (SSO89SO)

23. Ba bang ba tsamayalewatleng ka dikepe,ba hweba ka ho haola mawatle.

24. Le bona ba bonemesebetsi ya Morena,le dimakatso tsa hae madibeng.

25. A laela, ha tsoha sefefo,sa phahamisa maqhubu a lewatle;

26. ba betsetswa hodimodimo,ba theolelwa tlasetlase,ba nyekelwa ke dipelo.

27. Ba tshwarwa ke modikwadikwane,ba thekesela jwaloka matahwa,ba timellwa ke bohlale bohle.

28. Matshwenyehong a bonaba lla ho Morena,mme a ba ntsha tsietsing ya bona.

29. A kgutsisa sefefo,mme maqhubu a kgaotsa ho befa.

30. Ba thaba hobane ho kgutsitse;a ba sesisetsa koungeo ba neng ba leba ho yona.

31. Ba ke ba boke Morenaka baka la mohau wa hae,le dimakatso tsa haeho bana ba batho.

32. Ba mo tlotlisephuthehong ya setjhaba,ba mo rorisemokgatlong wa ba baholo.

33. O ne a fetole dinoka lehwatata,le didibaa di fetola baka tse omeletseng.

Dipesalema 107