Dipesalema 106:37-42 BIBELE (SSO89SO)

37. Ba etsetsa bademona mahlabelo,ka bara le baradi ba bona.

38. Ba tsholla madi a se nang molato,madi a bara le baradi ba bona,ba ba etsa mahlabelo a medimo,medimo ya ditshwantsho ya Kanana:Naha ya silafala ke madi.

39. Ba itshilafatsaka mesebetsi eo ya bona,ka ketso tseo tsa bonaba kwenehela Morena.

40. Morena a halefela setjhaba sa hae,a nyonya bao e leng lefa la hae.

41. A ba neela matsohong a baditjhaba,ba buswe ke ba ba hloileng.

42. Dira tsa bona tsa ba hatella,ba ba katlasa taolo ya tsona.

Dipesalema 106