Dipesalema 103:17-22 BIBELE (SSO89SO)

17. Empa mohau wa Morena,ho ba mo tshabang,ke wa kamehla yohle,e se nang qaleho le qetello;le ho loka ha hae ho fihlale ditlohotloholwaneng tsa bona,

18. ho ba bolokang selekane sa hae,ba hopolangho phethahatsa ditaelo tsa hae.

19. Morena o beile terone ya hae,o e beile mahodimong,tsohle di tlasa puso ya hae.

20. Bokang Morena,lona mangeloi a hae,lona bahaleba phethang taelo tsa hae,ba mamelang seo a se bolelang.

21. Bokang Morena,lona mabotho a hae wohle,lona basebeletsi ba haeba phethang thato ya hae.

22. Bokang Morena,lona mesebetsi ya hae yohle,hohle moo a busang teng.Boka Morena, wena moya wa ka.

Dipesalema 103