Dipalo 9:12-18 BIBELE (SSO89SO)

12. Ba se ke ba itshiela letho bakeng sa hosasane, ho se be le lesapo le rojwang. Ba tla o etsa ho ya ka melao yohle ya mokete wa Paseka.

13. Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae.

14. “ <Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha.> ”

15. Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng.

16. Kamehla ho ne ho ye ho be jwalo, leru le kwahele Tente ya Morena, bosiu e be kganare ya mollo.

17. Ha leru le ne le phahama ho tloha hodima Tente, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme moo leru le theohelang hodima Tente ya Morena ha ba le hona teng, ebe bana ba Iseraele ba hloma hona teng.

18. Ka taelo ya Morena bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba hlome. Ka matsatsi wohle ha leru le ntse le kgurumeditse Tente ya Morena, ba ne ba ye ba dule diahelong.

Dipalo 9