Dipalo 5:4-17 BIBELE (SSO89SO)

4. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ba lelekela kathoko ho diahelo jwalokaha Morena a ne a buile ho Moshe.

5. Morena a bua ho Moshe, a re:

6. “Bolella bana ba Iseraele, o re: <Ha monna kapa mosadi a ka etsa sebe sefe kapa sefe se yeng se etswe ke batho, mme kahoo a sitelwa Morena ka ho se tshepahale, motho eo o tla ba molato.

7. O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng.

8. Empa haeba motho ya sitetsweng a se na moneketsela oo tefo ya molato e ka iswang ho wona, tefo eo ya molato e tla lefelwa Morena, mme e tla ba ya moprista. Tefo ena ke e kathoko ho pheleu ya tefelo ya sebe, eo moprista a tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka yona.

9. Nyehelo e nngwe le e nngwe e phahamisetswang hodimo, ya dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, eo ba e tlisetsang moprista eo, e tla ba ya moprista.

10. Dintho tse halalelang tsa motho e mong le e mong e tla ba tsa moprista; seo motho ofe kapa ofe a se neang moprista, e tla ba sa moprista.> ”

11. Morena a bua ho Moshe, a re:

12. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha mosadi wa monna e mong a etsa phoso, mme a sa tshepahale ho monna wa hae,

13. ka ho feba le monna e mong; leha eba monna eo wa hae a se na bopaki bo lekaneng ba taba eo, hoo ho silafala ha mosadi ho salang ho sa pakahala ka baka la ho hloka paki e mo tshwereng a ntse a feba;

14. kapa haeba motho a hlolwa ke lefufa le etsang hore a belaelle mosadi wa hae, ebang o itshilafaditse kapa tjhe;

15. monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista, mme a tle a nkile nyehelo ya mosadi eo, ya phofo ya harese e boima ba dikilo tse pedi. Empa a se ke a tshela ole, kapa mokubetso hodima yona, hobane ke nyehelo ya phofo, ya lefufa; ke nyehelo ya phofo e etsetswang hore ho nne ho hopolwe molato oo.

16. “ <Moprista o tla fetisetsa mosadi eo kapele, a mo emise kapele ho Morena.

17. O tla tshela metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, a tshele le lerole leo a le nkileng fatshe, ka Tenteng ya Morena.

Dipalo 5