Dipalo 5:20-27 BIBELE (SSO89SO)

20. Empa haeba o ile wa etsa phoso ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, eba o silafatse, mme o ile wa feba le monna e mong eo e seng monna wa hao,

21. moprista o tla hlapantsha mosadi eo ka kano ya thohako, mme a re ho mosadi eo: “Morena a ke a o etse mohlala wa thohako hara setjhaba sa heno, ka hore mpa ya hao e hohomohe, o senyehelwe.

22. Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.”“ <Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!”

23. “ <Moprista o tla ngola dithohako tsena pampiring, ebe o di hlatswetsa ka metsing a letswai.

24. Jwale moprista a nwese mosadi eo metsi ao a letswai, a tlisang thohako, hore a kene ka maleng a hae, a mo lomise mala.

25. Ebe moprista o nka nyehelo ya phofo, ya lefufa, e matsohong a mosadi, o e akgotsa kapele ho Morena, ebe o e isa aletareng.

26. A ngwathe phofo eo ya nyehelo ka seatla, e le kgopotso, a e tjhesetse hodima aletare, a nto nwesa mosadi eo metsi ao.

27. Ha a se a mo nwesitse metsi ao, mme eba o silafetse, o sitetswe monna wa hae, metsi ao a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae, a mo lomise mala, ebe mpa ya hae e a hohomoha, o fetoha nyopa. Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara setjhaba sa habo.

Dipalo 5