Dipalo 4:39-45 BIBELE (SSO89SO)

39. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.

40. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona, ya eba dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng le mashome a mararo.

41. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Gereshone, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo ya Morena.

42. Yaba ho balwa ba malapa a bara ba Merari ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;

43. ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.

44. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona ya eba dikete tse tharo le makgolo a mabedi.

45. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Merari, ba badilweng ke bo-Moshe, le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.

Dipalo 4