13. Metse ena e tsheletseng, eo le tla e aba, e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona.
14. Le tla fana ka metse e meraro ka kwano ho Jorodane, ebe le fana ka metse e meraro naheng ya Kanana, mme e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona.
15. Metseng ena e tsheletseng ke moo ho tla tshabela bana ba Iseraele, le ba jakileng hara bona, le baditjhaba; ke hore e mong le e mong ya bolayang motho e se ka morero o tla tshabela teng.
16. “ <Empa haeba motho a batile motho e mong ka ntho e entsweng ka tshepe, eba motho eo o a shwa, eo ya mmatileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.
17. Ha a mmatile ka lejwe leo a le betsitseng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.
18. kapa haeba a mmatile ka molamu oo a o tshwereng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.