13. “Jwale kgalefo ya Morena ya tlokomela Iseraele, mme a ba lelerisa lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ho fediswa moloko wohle o neng o etse bokgopo moo Morena a ntseng a bona.
14. Bonang, le tshwana le bo-ntata lona, le bana ba baetsadibe, le ntse le eketsa kgalefo e tshabehang ya Morena hore e tlokele Iseraele.
15. Ha le mo furalla, o tla boela a le lahla mona lehwatateng, mme le tla tlisetsa setjhaba sena sohle timelo.”
16. Yaba ba a atamela, ba re: “Re lakatsa ho hahela mehlape ya rona masaka mona, le ho hahela bana ba rona metse,
17. empa rona re tla hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, ho fihlela re ba fihlisa sebakeng sa bona, mme bana ba rona ba tla phela metseng ya diqhobosheane ka lebaka la baahi ba naha ena.
18. Re ke ke ra kgutlela malapeng a rona ho fihlela bana ba Iseraele bohle ba fumana lefa la bona.
19. Rona re ke ke ra arolelana lefa le bona mose ho Jorodane, le ho ya pele, hobane lefa la rona re le fumane ka kwano, ka botjhabelo ho Jorodane.”
20. Moshe a re ho bona: “Haeba le ka etsa jwalokaha le bolela, la hlomella ntwa moo Morena a ntseng a bona,
21. mme mohlabani e mong le e mong wa lona a tshela Jorodane, moo Morena a ntseng a mmona, ho fihlela a lelekile dira tsa hae kapele ho yena,
22. naha eo e ineetse ho Morena, ebe kamorao ho moo le a kgutla, le tla hloka molato ho Morena, le ho Iseraele. Morena o tla le nea naha ena e be lefa la lona.
23. “Empa ha le sa etse jwalo, e tla ba le sitetswe Morena, mme le ke ke la phema kotlo ya sebe sa lona.