Dipalo 30:5-9 BIBELE (SSO89SO)

5. Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse.

6. “Haeba mosetsana eo a nyalwa a ntse a le dikanong tsa hae, kapa a le boitlamong boo a bo entseng a ne a sa imamela hantle,

7. mme monna wa hae a utlwa, feela a sa re letho ho yena mohla a utlwileng, kano eo ya hae e ke ke ya fetoha, le boitlamo boo a itlamileng ka bona bo ke ke ba fetoha.

8. Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.

9. “Malebana le kano e entsweng ke mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, tsohle tseo a itlamileng ka tsona di tla mo tlama.

Dipalo 30