Dipalo 30:10-13 BIBELE (SSO89SO)

10. “Haeba a entse kano, kapa a etsa boitlamo a sa le lapeng la monna wa hae,

11. eba monna wa hae o a utlwa, feela a sa re letho ho yena, mme a sa mo hanele, dikano tsohle tsa hae di tla mo tlama, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona bo tla mo tlama.

12. Empa haeba monna wa hae a ile a di nyopisa mohla letsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a di buileng ha a ikana, kapa ha a itlama, di tla nyopa, hobane monna wa hae o di nyopisitse, mme Morena o tla mo tshwarela.

13. “Kano efe kapa efe, le boitlamo bofe kapa bofe ba ho itima ho hong, boo a bo hlapanyetsang, monna wa hae a ka bo tiisa, kapa a bo nyopisa.

Dipalo 30