Dipalo 28:13-18 BIBELE (SSO89SO)

13. Le ka kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

14. Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo.

15. Ho tla nyehellwa Morena ka phooko ya nyehelo e tlosang sebe, mme ho nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

16. “ <Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele ke Paseka ya Morena.

17. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi ena ke mokete; ka matsatsi a supileng ho tla jewa bohobe bo sa lomoswang.

18. Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.

Dipalo 28