48. Bara ba Nafthali, ho ya ka malapa abo bona, ke Jaheseele, ya tswetseng morabe wa Jaheseele, le Guni, ya tswetseng morabe wa Guni,
49. le Jesere, ya tswetseng morabe wa Jesere, le Shileme, ya tswetseng morabe wa Shileme.
50. Ana ke malapa a Nafthali; ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a mane.
51. Palo ya bana ba Iseraele ba badilweng e ne e le dikete tse makgolo a tsheletseng le motso o le mong le makgolo a supileng le mashome a mararo.
52. Morena a bua ho Moshe, a re:
53. “Naha ena ba tla e arolelwa e le lefa la bona, ho ya ka palo ya bona.
54. Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng.
55. Feela ba arolelwe naha ena ka lotho. Ba tla arolelwa naha ena ho ya ka mabitso a merabe ya bo-ntata bona.
56. Lefa la morabe ka mong, le arolwe ka lotho, o mong le o mong o abelwe ho ya ka bongata kapa bonyenyane ba palo ya wona.”