36. Mora wa Shutela ke Erane, ya tswetseng morabe wa Erane.
37. Ana ke malapa a bara ba Efraime, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mahlano. Bana ke bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona.
38. Bara ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, ke Bela, ya tswetseng morabe wa Bela, le Ashebele, ya tswetseng morabe wa Ashebele, le Ahirame, ya tswetseng morabe wa Ahirame,
39. le Shefufane, ya tswetseng morabe wa Shefufane, le Hufame, ya tswetseng morabe wa Hufame.
40. Bara ba Bela e ne e le Arada le Naamane; Arada a tswala morabe wa Arada; Naamane a tswala morabe wa Naamane.
41. Bana ke bona bara ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng.
42. Bara ba Dane, ho ya ka malapa abo bona, ke Shuhame, ya tswetseng morabe wa Shuhame. Bana ke bara ba Dane, ho ya ka malapa abo bona,
43. mme ho ya ka ba badilweng ba malapa a morabe wa Shuhame e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mene le makgolo a mane.