23. Bara ba Isakare, ho ya ka malapa abo bona, ke Tola, ya tswetseng morabe wa Tola; le Pua, ya tswetseng morabe wa Pua;
24. le Jashube, ya tswetseng morabe wa Jashube; le Shimerone, ya tswetseng morabe wa Shimerone.
25. Ana ke malapa a morabe wa Isakare, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mene le makgolo a mararo.
26. Bara ba Sebulone, ho ya ka malapa abo bona, ke Serede, ya tswetseng morabe wa Serede; le Elone, ya tswetseng morabe wa Elone; le Jahaleele, ya tswetseng morabe wa Jahaleele.
27. Ana ke malapa a morabe wa Sebulone, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le makgolo a mahlano.