Dipalo 22:19-29 BIBELE (SSO89SO)

19. Jwale le lona ke a le rapela; robaletsang mona bosiung bona, hore ke tle ke tsebe seo Morena a ntaelang sona hape.”

20. Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”

21. Bileame a tsoha e sa le hoseng, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya le mahosana a Moabe.

22. Kgalefo ya Morena ya tlokoma, hobane Bileame a ile a tsamaya. Lengeloi la Morena la mo thibela tseleng, a ntse a palame tonki ya hae, a ena le bahlanka ba hae ba babedi.

23. Ha tonki e bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsohong la lona, tonki ya kgeloha tsela, ya hlahlathela. Empa Bileame a e shapa ho e kgutlisetsa tseleng.

24. Lengeloi la Morena la ema ka tseleng e tshesanyane, e pakeng tsa dirapa tsa morara. Lerako le ne le le teng ka nqena le ka nqane.

25. Tonki ya bona lengeloi la Morena, yaba e thula lerako, e peteletsa leoto la Bileame lerakong. Bileame a e shapa hape.

26. Lengeloi la Morena la tswela pele, la ema mopatisaneng o moholo, hoo ho neng ho se sebaka sa ho thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.

27. Ha tonki e bona lengeloi la Morena, ya botha Bileame a ntse a e palame. Kgalefo ya Bileame ya tlokoma, a e mamola ka molamu.

28. Morena a etsa hore tonki e bue, mme ya re ho Bileame: “Ke o senyeditse eng, ha e le moo u ntjhapile hararo tjee?”

29. Bileame a re ho tonki: “Ke hobane o bapala ka nna! Hoja ke ne ke tshwere sabole, hona jwale nka be ke se ke o bolaile.”

Dipalo 22