Dipalo 15:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Ha le fihla naheng eo le tla aha ho yona, eo ke le neang yona,

3. le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku.

Dipalo 15