13. Jwale Moshe a re ho Morena: “Baegepeta ba tla utlwela taba ena, hore o ntshitse setjhaba sena hara bona ka matla a hao.
14. Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.
15. Jwale ha o ka bolaya setjhaba sena sohle, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re:
16. <Kahobane Morena o sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyetse hore o tla se nea yona, ke ka hona a se bolaetseng lehwatateng.>
17. “Jwale ke a o rapela: matla a Morena a ke a be maholo, jwalokaha o ne o bue, wa re:
18. <Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.>
19. Ke a o rapela: ako tshwarele setjhaba sena bokgopo ba sona, ho ya ka mosa wa hao o moholo, jwalokaha o nnile wa se tshwarela ho tloha Egepeta ho fihlela jwale.”
20. Yaba Morena o re: “Ke se tshwaretse ho ya ka kopo ya hao.
21. Empa ke hlapanya ka bophelo ba ka, le ka tlotla ya Morena e tletseng lefatsheng lohle:
22. batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;
23. ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona.
24. Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua.
25. Kaha Baamaleke le Bakanana ba ahile ka kgohlong ya naha eo, hosasane lona le kgelohe, le lebe lehwatateng, ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka.”
26. Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re:
27. “Setjhaba see se kgopo, se nkorotlelang, ke tla se mamella ho fihlela neng? Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele, hoo ba nkorotlelang ka hona.
28. Ere ho bona: <Ke hlapanya ka bophelo ba ka, ho rialo Morena; ruri ke tla le etsa ho ya kamoo ke utlwileng le bua kateng.
29. Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela;
30. ruri le ke ke la finyella naheng eo ke hlapantseng hore ke tla le ahisa ho yona, haese Kalebe, mora wa Jefune, le Joshua, mora wa Nune.