11. Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?
12. Ke tla se otla ka lefu la sewa, ke se timetse, empa ka wena ke tla etsa setjhaba se matla ho feta sena.”
13. Jwale Moshe a re ho Morena: “Baegepeta ba tla utlwela taba ena, hore o ntshitse setjhaba sena hara bona ka matla a hao.
14. Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.
15. Jwale ha o ka bolaya setjhaba sena sohle, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re:
16. <Kahobane Morena o sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyetse hore o tla se nea yona, ke ka hona a se bolaetseng lehwatateng.>
17. “Jwale ke a o rapela: matla a Morena a ke a be maholo, jwalokaha o ne o bue, wa re:
18. <Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.>
19. Ke a o rapela: ako tshwarele setjhaba sena bokgopo ba sona, ho ya ka mosa wa hao o moholo, jwalokaha o nnile wa se tshwarela ho tloha Egepeta ho fihlela jwale.”
20. Yaba Morena o re: “Ke se tshwaretse ho ya ka kopo ya hao.
21. Empa ke hlapanya ka bophelo ba ka, le ka tlotla ya Morena e tletseng lefatsheng lohle: