27. Ba bolella Moshe, ba re: “Re ile ra fihla naheng eo o neng o re romme ho yona; ruri ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme tsena ke ditholwana tsa naha eo.
28. Leha ho le jwalo, batho ba ahileng moo ba matla, mme metse ya teng e meholo, e na le diqhobosheane; re bile re bone Baanake hona teng.
29. Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.”
30. Jwale Kalebe, a le kapele ho Moshe, a re ho setjhaba: “Tsie lala! Re tla nyolohela teng habobebe, mme naha eo e tla ba ya rona, hobane re tla e hapa.”
31. Empa banna ba neng ba ile le yena ba re: “Re tla sitwa ho nyoloha ho ya lwantsha setjhaba seo, hobane se matla ho re feta.”
32. Ba bolella bana ba Iseraele ditaba tse mpe ka naha eo ba neng ba ilo e hlwela, ba re: “Naha eo re neng re ilo e hlwela ke naha e matswatlare. Batho bohle bao re ba boneng ke banna ba diqhobane.