18. “O tle o re ho setjhaba: <Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane, mme le tla ja nama, hobane Morena o utlwile le lla, le re: Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? Re ne re phela hamonate Egepeta! Ka baka leo, Morena o tla le fa nama, mme le tla ja.
19. Ha le ka ke la e ja ka tsatsi le le leng, kapa ka matsatsi a mabedi, kapa ka matsatsi a leshome, kapa ka matsatsi a mashome a mabedi,
20. empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e etswa ka dinko, e ba e le tena, hobane le lahlile Morena ya ntseng a le hara lona, la ba la lla kapele ho yena, la re: Ke ka baka lang re ileng ra tloha Egepeta?> ”
21. Moshe a re: “Batho ba ditaaso bao ke nang le bona ke dikete tse makgolo a tsheletseng, empa o re: <Ke tla ba fa nama eo ba tla e ja kgwedi kaofela!>
22. Na ba tla hlabelwa mehlape ya dinku le ya dikgomo hore e ba lekane? Kapa ebe ba tla tshwasetswa ditlhapi tsohle tsa lewatle, hore di tle di ba lekane?”
23. Yaba Morena o re ho Moshe: “Na ho na le se ka sitang Morena? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka le tla phethahala kapa tjhe.”
24. Moshe a tswa, a bolella setjhaba mantswe a Morena. A phutha banna ba mashome a supileng ba bao e leng baholo ba setjhaba, a ba emisa ho potapota Tente ya Morena.
25. Yaba Morena o theoha a le lerung, o bua ho Moshe. A nka karolo e nngwe ya Moya o ho Moshe, a e abela banna ba, mashome a supileng, bao e leng baholo. Eitse ha Moya o dula hodima bona, ba porofeta, empa ba ba ba kgaotsa.