Diketso 9:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Ho ne ho ena le morutuwa e mong Damaseka, ya bitswang Ananiase; Morena a mmolella ka pono, a re: “Ananiase!”Yena a re: “Ke nna enwa, Morena!”

11. Morena a re ho yena: “Ema, o ye seterateng se bitswang Se Otlolohileng, mme ka tlung ya Juda o batle monna ya bitswang Saule wa Tarasuse. Bona, o a rapela,

12. mme ponong o bone monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho hore a tle a boele a bone.”

13. Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata kamoo monna eo a entseng tse ngata, tse mpe, ho badumedi ba hao ba Jerusalema,

14. mme le mona o filwe matla ke baprista ba baholo, ho tlama bohle ba o rapelang.”

15. Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.

16. Nna ke tla mmontsha tsohle, tseo eka kgonang a di hlokofaletswe ka baka la lebitso la ka.”

Diketso 9