29. Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng.
30. “Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.
31. Moshe ha a bona pono eo a e makalla. Ha a atamela ho shebisisa, lentswe la Morena la utlwahala, la re:
32. <Ke nna Modimo wa bo-ntatao, Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo.> Yaba Moshe o a thothomela, o hloka le sebete sa ho shebisisa.
33. “Morena a re ho yena: <Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.
34. Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.>