8. Petrose a re ho yena: “Ako mpolelle, na le fela le rekisitse tshimo hakaalo?”Yena a re: “E, hakaalo.”
9. Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang le dumellaneng ho leka Moya wa Morena? Utlwa diqi tsa ba tswa epela monna wa hao di monyako, le wena ba tla o nkela kantle.”
10. Hanghang mosadi a wela maotong a hae, a shwa. Bahlankana ha ba kena ba fumana a shwele; ba mo nkela kantle, ba ya mo epela pela monna wa hae.
11. Kereke yohle le bohle ba utlwileng tsena ba tshoha haholo.
12. Ka matsoho a baapostola ha etswa mehlolo le dimakatso tse ngata hara setjhaba. Badumedi bohle ba phuthehela lethuleng la Solomone ba le maikutlo a le mang.
13. Empa ha e le ho ba bang, ho ne ho se le ya mong ya betang pelo ho ikopanya le bona, leha setjhaba se ne se ba rorisa.
14. Leha ho le jwalo, ba dumelang ho Morena ba nna ba eketseha, e le palo e kgolo ya banna le basadi.
15. Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.
16. Le bongata bo tswang metseng e kathoko ho Jerusalema ba kgobokana, ba tlisa bakudi le ba tshwenngwang ke meya e ditshila, mme bohle ba fodiswa.
17. Moprista e Moholo le ba nang le yena, ba mokga wa Basaduke, ba ema lepaketla, ba tlala mohono,
18. ba tshwara baapostola, ba ba hlahlela tjhankaneng ya setjhaba.