Diketso 5:19-28 BIBELE (SSO89SO)

19. Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya tjhankana, la ba ntsha, la re:

20. “Eyang, le eme ka Tempeleng, mme le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.”

21. Ha ba utlwile, ba kena ka Tempeleng e sa le hoseng, mme ba ruta.Ha Moprista e Moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bitsa lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, mme ha romelwa tjhankaneng hore ho yo latwa baapostola.

22. Empa bahlanka ha ba fihla, ba fumana ba le siyo ka tjhankaneng. Ha ba kgutlile ba bolela,

23. ba re: “Re fumane tjhankana e ntse e kwetswe ka thata, le balebedi ba eme menyako, empa ha re bula ra fumana ho se motho kahare.”

24. Ha molaodi wa Tempele, le baprista ba baholo ba utlwa mantswe ana, ba ipotsa hore na ntho ena ya baapostola e tla fella kae.

25. Eaba e mong o fihla a re ho bona: “Helang! Banna bao le neng le ba kentse tjhankaneng, ba eme ka Tempeleng, ba ruta setjhaba.”

26. Yaba molaodi o ya le bahlanka, mme ba ba tlisa, feela e se ka dikgoka, hobane ba ne ba tshaba setjhaba, esere sa ba tlepetsa ka majwe.

27. Ha ba ba tlisitse, ba ba emisa ka kgotla, mme Moprista e Moholo a ba botsa,

28. a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!”

Diketso 5