Diketso 4:31-36 BIBELE (SSO89SO)

31. Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.

32. Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.

33. Baapostola ba paka tsa tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme bohle ba thahasellwa haholo.

34. Ha se ke ha eba le ya hlokang, hobane bohle ba neng ba ena le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa, ba tlise tjhelete ya tse rekisitsweng,

35. ba e bee maotong a baapostola, ebe e abelwa e mong le e mong ho ya kamoo a hlokang kateng.

36. Josefa, eo baapostola ba neng ba mmitsa Baranabase, e leng ho re Tshediso, Molevi ya tswaletsweng Sipera,

Diketso 4