Diketso 27:41-44 BIBELE (SSO89SO)

41. Yare ha ba fihla hlwahleweng e mateanong a maqhubu, ba lelemisetsa sekepe ho yona. Sefuba sa sona sa kgitla lehlabatheng, sa qawa, empa setono sona sa qala ho pshatlwa ke sefutho sa maqhubu.

42. Maikutlo a bahlabani e ne e le hore ba bolaye batshwaruwa, esere e mong wa bona a sesetsa lebopong, a phonyoha.

43. Empa molaodi wa ba lekgolo, ka ho rata ho pholosa Paulosi, a ba thibela morerong oo wa bona. A laela ba tsebang ho sesa hore ba itihele metsing pele, ba yo fihla lebopong,

44. mme ho ba setseng, ba bang ba itshwarelle mapolankeng, ba bang mafatseng a tswang sekepeng. Ka mokgwa o jwalo, bohle ba fihla lebopong, mme ba pholoha.

Diketso 27