Diketso 26:7-10 BIBELE (SSO89SO)

7. Meloko ya rona e leshome le metso e mmedi, ha e ntse e pheella ho sebeletsa Modimo motsheare le bosiu, e tshepile hore tshepiso eo e tla phethahatswa, mme ke ka baka la yona tshepiso eo, kgosi, ke qoswang ke Bajuda.

8. Ke ka baka lang lona le lekanyang hore ke ntho e ke keng ya dumelwa ya hore Modimo a ka tsosa bafu na?

9. “Jwale le nna ke ne ke hopotse hore ke tshwanetse ho etsa dintho tse ngata tse lwantshanang le lebitso la Jesu wa Nasaretha.

10. Ka fela ka di etsa Jerusalema. Ka matla ao ke a neilweng ke baprista ba baholo, ka kwalla ba bangata ba badumedi ditjhankaneng. Leha ba ne ba bolawa, ke ne ke ananela.

Diketso 26