24. Fesetose a re: “Kgosi Ageripa, le lona banna bohle ba teng mona, le bona monna enwa, eo setjhaba sohle sa Bajuda se ipileditseng ho nna ka yena ke le Jerusalema leha ke le mona, sa howa, sa re ha a sa tshwanetse ho nna a phela.
25. Empa ha ke a fumana a entse letho le lokelwang ke lefu. Eitse yena ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka rera ho mo romela teng.
26. Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang.
27. Ho nna ho bonahala eka e ka ba ho hloka kelello ho romela motshwaruwa ke sa bontshe melato eo a qoswang ka yona.”